1. Naha e laoletsweng leloko la bana ba Juda, ka matlo a bona, ke ho ya moeding wa Edomo, lefeelleng la Tsine, nqa borwa; ke yona pheletso ya naha nqa borwa.
2. Moedi wa bona nqa borwa o ne o tloha phellong ya Lewatle la Letswai, koung e lebileng borwa,
3. ho ya fihla nqa borwa moepeng wa Akrabbime, ho tla Tsine; ka nqa borwa o nyolosetsa Kadeshe-Barnea, le ho tla Hetsrone, le ho nyolosetsa Addare, le ho pota Karkaa;
4. o ntoo feta Atsmone, le ho tswela pele ho isa molapong wa Egepeta, moo naha e fellang lewatleng. E tla ba wona moedi wa lona nqa borwa.
5. Nqa botjhabela, moedi e ne e le Lewatle la Letswai, ho isa makenellong a Jordane; nqa leboya, moedi o ne o tloha koung ya Lewatle la Letswai, moo Jordane e kenang teng.
6. Moedi oo o nyolosetsa Bethe-Hogla, o feta nqa leboya ho Bethe-Araba, mme moedi oo o nyolosetsa ho isa fikeng la Bohane, mora Rubene.
7. Moedi o nyolosetsa le Debire, ho tloha sekgutlong sa Akore; nqa leboya o lebile Gilgale o pela moepa wa Adummime, o nqa borwa ho noka; moedi o fetela pele ho fihla metsing a Ene-Shemeshe, o ye o felle Ene-Rogele.