Johanne 20:1-2 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka tsatsi le qalang veke, Maria Magdalena a ya lebitleng e sa le ka meso, ho sa le lerotho; mme a bona hobane lejwe le tlositswe lebitleng.

2. Yaba o matha, a tla ho Simone Petrose, le ho morutuwa e mong ya ratwang ke Jesu, a re ho bona: Ba tlositse Morena lebitleng, mme ha re tsebe moo ba mmeileng teng.

Johanne 20