Johanne 20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Tsoho ya Jesu.

1. Ka tsatsi le qalang veke, Maria Magdalena a ya lebitleng e sa le ka meso, ho sa le lerotho; mme a bona hobane lejwe le tlositswe lebitleng.

2. Yaba o matha, a tla ho Simone Petrose, le ho morutuwa e mong ya ratwang ke Jesu, a re ho bona: Ba tlositse Morena lebitleng, mme ha re tsebe moo ba mmeileng teng.

3. Yaba Petrose o tloha le morutuwa e mong, ba ya lebitleng.

4. Ba ne ba matha hammoho ba babedi; mme morutuwa e mong a siya Petrose, a fihla pele lebitleng;

5. ha a inama ho nyarela, a bona masela a beilwe fatshe; empa a se ke a kena.

6. Simone Petrose, ya neng a mo latela, le yena a fihla, a ba a kena lebitleng, a bona masela a beilwe fatshe.

7. Lesela le neng le beilwe hodima hlooho ya hae le ne le sa bewa le masela a mang, empa le ne le phuthilwe, le beilwe kathoko le nnotshi.

8. Morutuwa e mong ya neng a fihlile pele lebitleng, le yena a kena, a bona, mme a dumela.

9. Hobane ba ne ba eso ho utlwisise Lengolo le bolelang hore Kreste e ka kgona a tsohe bafung.

10. Barutuwa ba ntoo kgutlela hae.

11. Haele Maria, a nna a ema kantle pela lebitla, a ntse a lla; a re a sa lla, a inama ho nyarela lebitleng.

12. Yaba o bona mangeloi a mabedi a apereng bosweu, a dutse, le leng le le hloohong, le leng le le maotong, moo setopo sa Jesu se neng se robaditswe teng.

13. A re ho yena: Mosadi, o llelang? A re ho wona: Ke kahobane ba tlositse Morena ka, mme ha ke tsebe moo ba mmeileng teng.

14. Yare hobane a bue jwalo, a reteleha, a bona Jesu a eme; empa o ne a sa tsebe hobane ke yena Jesu.

15. Jesu a re ho yena: Mosadi, o llelang? O batla mang? Yena, ka ho lekanya hore ke molemi wa tshimo, a re ho yena: Monghadi, ha ekaba ke wena o mo tlositseng, mpolelle moo o mmeileng teng, ke tle ke ye, ke mo nke.

16. Jesu a re ho yena Maria! Yena a reteleha, a re ho yena: Rabuni! — ka seheberu ke ho re moruti. —

17. Jesu a re ho yena: Se nkame, hobane ha ke eso ho nyolohele ho Ntate; o mpe o ye ho banabeso, o re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntata lona, ho Modimo wa ka, e leng le Modimo wa lona.

18. Maria Magdalena a tla, a bolella barutuwa hore o bone Morena, le hore o mmoleletse taba tseo.

19. Ka mantsiboya a letsatsi leo, e leng le qalang veke, menyako ha e ne e kwetswe ya moo barutuwa ba neng ba phuthehile teng, ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a hlaha, a ema hara bona, a re ho bona: Kgotso e be le lona!

20. Yare hobane a bue jwalo, a ba bontsha matsoho le lehlakore la hae. Yaba barutuwa ba thaba, ha ba bona Morena.

21. Jesu a boela a re ho bona: Kgotso e be le lona! Jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke le roma jwalo.

22. Eitse hobane a bue jwalo, a budulela ho bona, a re: Amohelang Moya o Halalelang!

23. Bao le tla ba tshwarela dibe, ba tla tshwarelwa tsona; bao le tla ba balla dibe, ba tla ballwa tsona.

24. Thomase, ya bitswang Didima, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, o ne a le siyo ho bona, ha Jesu a etla.

25. Barutuwa ba bang ba re ho yena: Re bone Morena. A mpa a re ho bona: Ekare ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka maqebeng a dithakgisa, ka kenya le letsoho la ka lehlakoreng la hae, nke ke ka dumela.

26. Eitse ha ditshiu tse robileng meno e le mmedi di fetile, barutuwa ba hae ba ne ba boetse ba le tlung, le Thomase a ena le bona. Yaba Jesu o a hlaha, menyako e ntse e kwetswe, a ema hara bona, a re: Kgotso e be le lona!

27. A ntoo re ho Thomase: Tlisa monwana wa hao mona, mme o tadime diatla tsa ka; ntsha letsoho la hao, o le kenye lehlakoreng la ka, mme o se ke wa ba ya sa dumeleng, o mpe o be ya dumelang.

28. Thomase a araba, a re ho yena: Morena wa ka le Modimo wa ka!

29. Jesu a re ho yena: Kahobane o mpone, Thomase, o dumetse. Ho lehlohonolo ba dumetseng, leha ba sa ka ba bona.

Qetello ya ditaba.

30. Jesu a etsa mehlolo e meng e mengata pontsheng ya barutuwa ba hae, e sa ngolwang bukeng ena.

31. Empa eo e ngodilwe hore le tle le dumele hobane Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore, ka ho dumela, le be le bophelo ka lebitso la hae.