Johanne 20:1-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka tsatsi le qalang veke, Maria Magdalena a ya lebitleng e sa le ka meso, ho sa le lerotho; mme a bona hobane lejwe le tlositswe lebitleng.

2. Yaba o matha, a tla ho Simone Petrose, le ho morutuwa e mong ya ratwang ke Jesu, a re ho bona: Ba tlositse Morena lebitleng, mme ha re tsebe moo ba mmeileng teng.

3. Yaba Petrose o tloha le morutuwa e mong, ba ya lebitleng.

4. Ba ne ba matha hammoho ba babedi; mme morutuwa e mong a siya Petrose, a fihla pele lebitleng;

5. ha a inama ho nyarela, a bona masela a beilwe fatshe; empa a se ke a kena.

6. Simone Petrose, ya neng a mo latela, le yena a fihla, a ba a kena lebitleng, a bona masela a beilwe fatshe.

7. Lesela le neng le beilwe hodima hlooho ya hae le ne le sa bewa le masela a mang, empa le ne le phuthilwe, le beilwe kathoko le nnotshi.

8. Morutuwa e mong ya neng a fihlile pele lebitleng, le yena a kena, a bona, mme a dumela.

9. Hobane ba ne ba eso ho utlwisise Lengolo le bolelang hore Kreste e ka kgona a tsohe bafung.

10. Barutuwa ba ntoo kgutlela hae.

11. Haele Maria, a nna a ema kantle pela lebitla, a ntse a lla; a re a sa lla, a inama ho nyarela lebitleng.

12. Yaba o bona mangeloi a mabedi a apereng bosweu, a dutse, le leng le le hloohong, le leng le le maotong, moo setopo sa Jesu se neng se robaditswe teng.

13. A re ho yena: Mosadi, o llelang? A re ho wona: Ke kahobane ba tlositse Morena ka, mme ha ke tsebe moo ba mmeileng teng.

14. Yare hobane a bue jwalo, a reteleha, a bona Jesu a eme; empa o ne a sa tsebe hobane ke yena Jesu.

15. Jesu a re ho yena: Mosadi, o llelang? O batla mang? Yena, ka ho lekanya hore ke molemi wa tshimo, a re ho yena: Monghadi, ha ekaba ke wena o mo tlositseng, mpolelle moo o mmeileng teng, ke tle ke ye, ke mo nke.

16. Jesu a re ho yena Maria! Yena a reteleha, a re ho yena: Rabuni! — ka seheberu ke ho re moruti. —

Johanne 20