1. Ka tsatsi le qalang veke, Maria Magdalena a ya lebitleng e sa le ka meso, ho sa le lerotho; mme a bona hobane lejwe le tlositswe lebitleng.
2. Yaba o matha, a tla ho Simone Petrose, le ho morutuwa e mong ya ratwang ke Jesu, a re ho bona: Ba tlositse Morena lebitleng, mme ha re tsebe moo ba mmeileng teng.
3. Yaba Petrose o tloha le morutuwa e mong, ba ya lebitleng.
4. Ba ne ba matha hammoho ba babedi; mme morutuwa e mong a siya Petrose, a fihla pele lebitleng;
5. ha a inama ho nyarela, a bona masela a beilwe fatshe; empa a se ke a kena.
6. Simone Petrose, ya neng a mo latela, le yena a fihla, a ba a kena lebitleng, a bona masela a beilwe fatshe.
7. Lesela le neng le beilwe hodima hlooho ya hae le ne le sa bewa le masela a mang, empa le ne le phuthilwe, le beilwe kathoko le nnotshi.
8. Morutuwa e mong ya neng a fihlile pele lebitleng, le yena a kena, a bona, mme a dumela.
9. Hobane ba ne ba eso ho utlwisise Lengolo le bolelang hore Kreste e ka kgona a tsohe bafung.
10. Barutuwa ba ntoo kgutlela hae.
11. Haele Maria, a nna a ema kantle pela lebitla, a ntse a lla; a re a sa lla, a inama ho nyarela lebitleng.
12. Yaba o bona mangeloi a mabedi a apereng bosweu, a dutse, le leng le le hloohong, le leng le le maotong, moo setopo sa Jesu se neng se robaditswe teng.