Jobo 5:9-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. e leng wona o etsang dintho tse kgolo, tse sa fihlelweng, dintho tse makatsang, tse sa balweng.

10. O tshollela pula lefatsheng, o mathisa metsi masimong;

11. o dudisa batho ba kokobetseng nqalong tse diphahameng, ba llang ba phahamisetswa katlehong.

12. O etsa merero ya batho ba mano lefeela, hore matsoho a bona a se ke a e phetha.

13. O tshwasa diqweleqwele manong a tsona, mme morero wa ba lonya o a o heletsa.

14. Hosasa, ba thulana le lefifi, motshehare ba phopholetsa jwaloka hoja ke bosiu.

15. Ya madimabe o mo lokolla jwalo lerumong la melomo ya bona le letsohong la ya matla;

16. tshepo e teng ho ya fokotseng, mme ba sa lokang ba thijwa molomo.

17. Bona, ho lehlohonolo motho eo Modimo o mo layang! Ha ho le jwalo, o se ke wa nyatsa kotlo ya Ya matla wohle;

18. hobane o a hlaba, mme a tlamelle leqeba; o a roba, mme matsoho a hae a fodise.

19. O tla o lokolla ditsietsing tse tsheletseng, mme ho tse supileng ha ho bobe bo ka o amang.

20. Tlaleng o ya o boloka, o se ke wa shwa, ntweng a o pholose bohaleng ba lerumo.

21. O tla sireletswa ha ho shapa leleme, ha o ka ke wa tshaba tshenyo ha e ka fihla.

22. O tla tsheha tshenyo le tlala, ha o ka ke wa tshaba dibatana tsa naha;

23. hobane o tla ba le selekane le majwe a naha, dibatana tsa naha di be le kgotso le wena.

24. Kahona o tla bona hoba tente ya hao e dutse ka kgotso, mme leha o ka lekola moaho wa hao, o ke ke wa hloka letho.

25. Hape, o tla bona lesika la hao ha le ngatafala, le ditloholo tsa hao ha di ata jwaloka jwang ba naha.

26. O tla orohela lebitleng la hao ka botsofadi bo botala, jwaloka ngata ya koro, ha e thothwa nakong ya teng.

Jobo 5