Jobo 35:4-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Ke tla etsetsa wena le metswalle ya hao karabo.

5. Tadima nqa mahodimong, mme o bone; o tadime maru; a phahamile ho fetisa wena.

6. Ha o seba, o ka o etsang kahoo? Leha o ka atisa dibe tsa hao, o o senyeditse kae?

7. Ha o lokile, o o thusitse kang? O ruile eng ka mosebetsi wa hao?

8. Sebe sa hao se ka senya motho ya jwaloka wena feela, ho loka ha hao ho ka thusa ngwana wa motho feela.

9. Batho ba lla ka dihloriso tsa batubi; ba bokolla tlasa bothata ba marena.

10. Empa ha ho ya botsang, a re: Modimo, Mmopi wa ka, o kae,

11. o re neang dipina tsa thabo hara bosiu, o re fileng bohlale bo fetang ba diphoofolo, le hlalefo e fetang ya dinonyana tsa lehodimo?

Jobo 35