Jobo 15:11-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Na o nyedisa matshediso a Modimo, le puo tse bonolo tse buwang ho wena na?

12. Pelo ya hao e o isa kae na? O tona mahlo a hao keng,

13. ha o tsohela Modimo bohale, ha molomo wa hao o ntsha dipolelo tse jwalo?

14. Motho keng, hore a hlweke, le ya tswetsweng ke mosadi keng, hore a loke?

15. Bona, ha esitile bahalaledi ba wona o sa ba tshepe, le lehodimo le sa hlweka mahlong a wona;

16. haholoholo o ka sitwa ho tshepa motho ya manyala, ya senyehileng, ya nwang bokgopo jwaloka metsi.

17. Ke tla o ruta, o mmamele; ke tla o bolella seo ke se boneng;

18. e leng se bolelwang ke ba bohlale, seo ba sa kang ba se pata, kamoo ba se nkileng kateng, ho bontata bona;

19. e leng bao naha e neng e le ya bona, ho seng moditjhaba ya kileng a kena hara bona.

20. Motho ya bolotsana o tshwenyeha ka matsatsi wohle a ho phela ha hae; motubi o phela ka tsietsi ka dilemo tsohle tsa hae;

21. mokgosi o duma ditsebeng tsa hae, mme leha ho sa iketlilwe, o hla a bona mosenyi ya mo welang hodimo!

22. O tshaba ho tswa lefifing; lerumo le mo laletse.

23. O lelerela bohobe, o re: Bo kae? O tseba hobane tshiu e ntsho e mo atametse.

24. O tshoswa ke tsietsi le ke mahlomola, di mo tshwere jwaloka morena ya itokiseditseng ho futuha.

25. Hobane o otlolotse letsoho la hae ho lwantsha Modimo, o phephetsa Ya matla wohle;

26. o o nehella ka molala o sataletseng, tlasa mokokotlo wa thebe ya hae;

27. o ikwahetse sefahleho ka ho nona ha hae, o bokeletse mafura lethekeng la hae;

28. o ikgaheletse metseng e senyehileng, matlung a se nang baahi, a leng lekgatheng la ho fetoha dithako.

29. A ke ke a rua, maruo a hae a ke ke a sala, mafumo a hae a ke ke a aparela lefatshe.

Jobo 15