5. Yaba Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba makgotla, ba nka masala kaofela a Juda a neng a kgutlile ditjhabeng tsohle moo a neng a qhalanyeditswe teng, ho tla aha lefatsheng la Juda;
6. e le banna, le basadi, le bana, le baradi ba morena, le batho bohle bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a neng a ba siile ho Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, le yena moporofeta Jeremia, le Baruke, mora Neria;
7. ba ya Egepeta, hobane ha ba ka ba utlwa lentswe la Jehova; mme ba tla Takpanese.
8. Lentswe la Jehova la tla ho Jeremia, Takpanese, la re:
9. Nka majwe a maholo, o a pate letsopeng, seboping sa setene se leng lepatlelong la ntlo ya Faro, Takpanese, pontsheng ya batho ba Juda;
10. o ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Bona, ke se ke tla romela ho lata Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, ke bee terone ya hae majweng ana ao ke a patileng, mme a ale tente ya hae hodima wona.
11. O tla tla, a senye lefatshe la Egepeta; ya lokelang lefu a ye lefung, ya lokelang kgoleho a ye kgolehong, ya lokelang lerumo a ye lerumong.
12. Ke tla hotetsa mollo matlung a medimo ya Egepeta; Nebukadresare o tla a tjhesa, a ise medimo kgolehong; o tla ipopa ka lefatshe la Egepeta jwaloka modisa ha a ipopa ka kobo ya hae, mme o tla tloha teng ka kgotso.
13. O tla robaka ditshwantsho tsa Bethe-Shemeshe tse lefatsheng la Egepeta, le matlo a medimo ya Egepeta a a tjhese ka mollo.