1. Eitse hobane Jeremia a qete ho bolella setjhaba kaofela mantswe wohle a Jehova, Modimo wa bona, ao Jehova, Modimo wa bona, a mo romileng ho bona ka wona, mantswe wona ana kaofela,
2. Asaria, mora Hosea, le Johanane, mora Karea, le batho ba baikgohomosi kaofela, ba bolella Jeremia, ba re: O bolela leshano; Jehova, Modimo wa rona, ha a ka a o roma, hore o re: Le se ke la ya Egepeta ho aha teng.
3. O mpa o susumetswa ke Baruke, mora Neria, bakeng sa rona, hore re tle re neelwe matleng a Bakalde, ba tle ba re bolaye, kapa ba re ise kgolehong Babilona.
4. Ha ba ka ba utlwa lentswe la Jehova, e le yena Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba makgotla, le setjhaba kaofela, la hore ba nne ba ahe lefatsheng la Juda.
5. Yaba Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba makgotla, ba nka masala kaofela a Juda a neng a kgutlile ditjhabeng tsohle moo a neng a qhalanyeditswe teng, ho tla aha lefatsheng la Juda;
6. e le banna, le basadi, le bana, le baradi ba morena, le batho bohle bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a neng a ba siile ho Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, le yena moporofeta Jeremia, le Baruke, mora Neria;
7. ba ya Egepeta, hobane ha ba ka ba utlwa lentswe la Jehova; mme ba tla Takpanese.
8. Lentswe la Jehova la tla ho Jeremia, Takpanese, la re:
9. Nka majwe a maholo, o a pate letsopeng, seboping sa setene se leng lepatlelong la ntlo ya Faro, Takpanese, pontsheng ya batho ba Juda;
10. o ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Bona, ke se ke tla romela ho lata Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, ke bee terone ya hae majweng ana ao ke a patileng, mme a ale tente ya hae hodima wona.
11. O tla tla, a senye lefatshe la Egepeta; ya lokelang lefu a ye lefung, ya lokelang kgoleho a ye kgolehong, ya lokelang lerumo a ye lerumong.
12. Ke tla hotetsa mollo matlung a medimo ya Egepeta; Nebukadresare o tla a tjhesa, a ise medimo kgolehong; o tla ipopa ka lefatshe la Egepeta jwaloka modisa ha a ipopa ka kobo ya hae, mme o tla tloha teng ka kgotso.
13. O tla robaka ditshwantsho tsa Bethe-Shemeshe tse lefatsheng la Egepeta, le matlo a medimo ya Egepeta a a tjhese ka mollo.