1. Kamora tseo, Davida a fenya Bafilesta a ba kokobetsa, a amoha Bafilesta motse o mong wa moreneng.
2. A hlola le Bamoabe, a ba lekanya ka kgole a ba robaditse fatshe, a ba lekanya bolelele ba kgole tse pedi tsa ba tshwanetseng ho bolawa, mme ka kgole e le nngwe e shwetseng a lekanya ba tshwanetseng ho phela. Kahoo, Bamoabe ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho.
3. Davida a hlola le Hadadesere, mora Rehobe, morena wa Tsoba, ya neng a re, o tla boela a hape naha e leng ya hae nokeng ya Eufrate.
4. Teng, Davida a hapa sekete se nang le makgolo a supileng a bapalami, le kete tse mashome a mabedi tsa ba maoto. Davida a seha mesifa ya maoto a dipere tsohle tsa makoloi, a ipolokela tsa lekgolo la makoloi feela.
5. Basiria ba Damaseka ba ne ba tlile ho tlatsa Hadadesere, morena wa Tsoba; Davida a bolaya Basiria ba kete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.
6. Davida a ntoo bea bahlabani naheng ya Siria ya Damaseka, mme Basiria ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgotho. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.
7. Davida a hapa le dithebe tsa kgauta tse ho bahlanka ba Hadadesere, a tla le tsona Jerusalema.
8. Leha e le Betha, le Berothai, metse ya Hadadesere, morena Davida a nka koporo e ngata haholo teng.
9. Thoi, morena wa Hamathe, a utlwa hobane Davida o hlotse makgotla wohle a Hadadesere.
10. Yaba Thoi o romela mora hae Jorame ho morena Davida, ho ya mo dumedisa le ho mo leboha kamoo a lwantshitseng Hadadesere kateng, a bileng a mo hlotse, hobane Hadadesere o ne a lwantsha Thoi. Jorame a tlisa mesebetsi ya silefera, le ya kgauta, le mesebetsi ya koporo.