1. Kamora tseo, Davida a fenya Bafilesta a ba kokobetsa, a amoha Bafilesta motse o mong wa moreneng.
2. A hlola le Bamoabe, a ba lekanya ka kgole a ba robaditse fatshe, a ba lekanya bolelele ba kgole tse pedi tsa ba tshwanetseng ho bolawa, mme ka kgole e le nngwe e shwetseng a lekanya ba tshwanetseng ho phela. Kahoo, Bamoabe ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho.
3. Davida a hlola le Hadadesere, mora Rehobe, morena wa Tsoba, ya neng a re, o tla boela a hape naha e leng ya hae nokeng ya Eufrate.
4. Teng, Davida a hapa sekete se nang le makgolo a supileng a bapalami, le kete tse mashome a mabedi tsa ba maoto. Davida a seha mesifa ya maoto a dipere tsohle tsa makoloi, a ipolokela tsa lekgolo la makoloi feela.
5. Basiria ba Damaseka ba ne ba tlile ho tlatsa Hadadesere, morena wa Tsoba; Davida a bolaya Basiria ba kete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.
6. Davida a ntoo bea bahlabani naheng ya Siria ya Damaseka, mme Basiria ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgotho. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.
7. Davida a hapa le dithebe tsa kgauta tse ho bahlanka ba Hadadesere, a tla le tsona Jerusalema.
8. Leha e le Betha, le Berothai, metse ya Hadadesere, morena Davida a nka koporo e ngata haholo teng.
9. Thoi, morena wa Hamathe, a utlwa hobane Davida o hlotse makgotla wohle a Hadadesere.
10. Yaba Thoi o romela mora hae Jorame ho morena Davida, ho ya mo dumedisa le ho mo leboha kamoo a lwantshitseng Hadadesere kateng, a bileng a mo hlotse, hobane Hadadesere o ne a lwantsha Thoi. Jorame a tlisa mesebetsi ya silefera, le ya kgauta, le mesebetsi ya koporo.
11. Le tsona morena Davida a di kgethela Jehova, hammoho le silefera le kgauta tseo a di kgethileng tsa ditjhaba tsohle tseo a di hlotseng;
12. e leng Basiria, le Bamoabe, le bana ba Ammone, le Bafilesta, le Baamaleke, ka tse hapilweng tsa Hadadesere, mora Rehobe, morena wa Tsoba.
13. Davida a iketsetsa lebitso le leholo, ha a kgutla polaong ya Basiria, Thoteng ya Letswai, a bolaile batho ba dikete tse leshome le nang le metso e robileng meno e le mmedi.
14. A bea bahlabani Edomo; kahohle Edomo, a bea bahlabani, le Baedomo bohle ya eba bafo ba Davida. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.
15. Davida ya eba morena wa Baiseraele bohle, mme Davida a etsa setjhaba sohle ka ho loka le ka bokgabane.
16. Joabe, mora Tseruja, e ne e le molaodi wa makgotla; Josafate, mora Akilude, e ne e le mmoloki wa mangolo a mmuso;
17. Tsadoke, mora Akitube, le Akimeleke, mora Abiathare, e ne e le baprista; Seraia e ne e le mongodi;
18. Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe; bana ba Davida bona e ne e le matona a morena.