1 Timothea 4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Timothea o eletswa bakeng sa baruti ba thuto tse kgelohileng, le bakeng sa mosebetsi wa hae wa boruti, le sa kamoo a tshwanetseng ho kgalemela le ho laya kateng.

1. Empa Moya o ometse hore, mehleng ya morao, ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e thetsang le dithuto tsa batemona;

2. ka ho ya ka boikaketsi ba baruti ba bohata, bao matswalo a bona a tjhesitsweng ka tshepe;

3. ba tlang ho hana ha batho ba nyala, ba tla re, ho tshajwe dijo tseo Modimo o di bopileng hore ba dumetseng, ba tsebang nnete, ba di amohele ka teboho.

4. Hobane tsohle tse bopilweng ke Modimo di ntle, mme ha ho letho le tshwanetseng ho kgeswa ha ho jewa ka teboho;

5. hobane tsohle di halaleditswe ke lentswe la Modimo le thapelo.

6. Ha o beela baena taba tseo, o tla ba mohlanka ya molemo wa Jesu Kreste, ya otlilweng ka dipolelo tsa tumelo le ka thuto e molemo, eo o e latetseng.

7. Empa o hane ditshomo tsa bosawana, tse kang tse bolelwang ke basadi ba tsofetseng, mme o itlhakisetse borapeding.

8. Hobane hlakiso ya mmele ha e thuse hakae, empa borapedi bo thusa kahohle, bo tswe bo ena le pallo ya bophelo ba jwale le ya bo tlang ho tla.

9. Taba eo ke ya nnete, mme e tshwanelwa ke kamohelo yohle.

10. Efela ke ka baka la yona re sebetsang, re lwanang; kahobane re itshepetse Modimo o phelang, oo e leng Mmoloki wa batho bohle, haholo wa ba dumetseng.

11. Laela taba tseo, mme o di rute batho.

12. Ho se ke ha eba ya nyatsang botjha ba hao; empa e be wena o etsetsang badumedi mehlala ya dipolelo, ya metsamao, ya lerato, ya tumelo, le ya hlweko.

13. O ineele ho bala, le ho kgothatsa, le ho ruta, ke be ke fihle.

14. Hape, o se ke wa lebala mpho e ho wena, eo o e filweng ka boporofeta hammoho le peo ya matsoho a baholo.

15. Hlokomela taba tseo, mme o be ho tsona; ho tswela pele ha hao ho nne ho lemohuwe ke bohle.

16. O ke o itebele, o lebele le yona thuto; mme o tiye teng; hobane, ha o etsa jwalo, o tla ipholosa, o pholose le ba o utlwang.