1 Timothea 2 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Ho rapellwe bohle. — Ditshwanelo tsa basadi.

1. Jwale, kgothatso ya ka ya sehlooho, ke re: Diqelo, le merapelo, le dithapello, le diteboho, di etsetswe batho bohle,

2. le marena, le bohle ba boholong, hore re tle re iphelele kgotsong le boiketlong ka borapedi bohle le ka bokgabane.

3. Hobane hoo ke ho molemo, ho kgahlehang ho Modimo, Mmoloki wa rona,

4. o ratang hoba batho bohle ba bolokehe, mme ba fihle tsebong ya nnete.

5. Hobane Modimo o mong feela, le Mmuelli mahareng a Modimo le batho o mong, e leng Jesu Kreste motho,

6. ya ineetseng ho ba topollo ya bohle. Ke boo bopaki bo beilweng mehleng ya teng,

7. boo ke beilweng mmoledi le moapostola ka baka la jona — ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano — le moruti wa baditjhaba ho ba isa tumelong le nneteng.

8. Ke fela ke rata hoba banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a masweu, ho se bohale le kgang.

9. Basadi le bona ba apare seaparo se lokelang, ba itlhophe ka boitlhompho le ka tshabo, e seng ka moriri o forilweng, le ka kgauta, leha e le diperela, leha e le meaparo e kgabisitsweng;

10. e mpe e be ka mesebetsi e molemo, jwalokaha ho tshwanela basadi ba ipolelang hoba ba sebeletsa Modimo.

11. Mosadi a ithute a kgutsitse, ka kutlo yohle.

12. Hobane ha ke dumelle mosadi ho ruta, leha e le ho laola monna; a mpe a itulele ka ho ikgutsetsa.

13. Hobane Adama o bopilwe pele, hamorao ha bopjwa Eva;

14. mme hase Adama ya thetsitsweng, empa mosadi, hobane a thetswe, o hlahisitse tlolo.

15. Leha ho le jwalo, o tla bolokeha ha a tswala bana, ha a hlola tumelong, le leratong, le kgalalelong, a ena le tshabo.