Hosea 10:1-2 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Iseraele ke morara o holang haholo, tholwana tsa wona di o lekane. Ditholwana tsa hae ha di ntse di eketseha, ke moo a ntseng a ketsa ho haha dialetare; kahobane naha ya hae e ntle, o eketsa ho etsa ditshwantsho tse ntle.

2. Pelo tsa bona di mano; jwale, ba tla kgalemelwa. Modimo o tla qhebolla dialetare tsa bona, o fedise ditshwantsho tsa bona.

Hosea 10