Diproverbia 8:20-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Ke tsamaisa motho tseleng ya ho loka le mmileng o tatametseng.

21. Ke ruisa ba nthatang mafa a dintho tse sa feleng, ke tlatsa dipolokelo tsa bona.

22. Jehova o mpopile ho qaleng ha ditsela tsa hae, mesebetsi ya hae e eso ho be teng, boholoholo.

23. Ke beilwe borena mehla e eso ho qalehe, lefatshe le eso ho ka le eba teng.

24. Ka hlahiswa mawatle a sa le siyo, le tsona didiba tse kollang metsi a mangata.

25. Ke hlahile dithaba di eso ho ka di thewa, le maralla a sa le siyo;

26. Jehova a eso ho etse lefatshe, le dinaha, leha e le tholenyana ya lerole la lefatshe.

27. Mohla a lokisang mahodimo, ke ne ke le teng; mohla a dikadiketsang lewatle ka moedi;

28. mohla a tiisang maru hodimo; mohla a bilosang mehlodi ya madiba;

29. le mohla a laelang lewatle hore metsi a lona a se ke a tlola lebopo; le mohla a lekanyang metheo ya lefatshe.

30. Mehleng eo, ke ne ke le motlatsi wa hae, ke thabile ka matsatsitsatsi, ke nyakaletse pela sefahleho sa hae kamehla;

31. ke ne ke thabela lefatshe la ho aha ha batho; ke thabela le bana ba batho.

32. Jwale, bana, nkutlweng! Ho lehlohonolo ba yang ka tsela tsa ka.

33. Mamelang thuto, le tle le hlalefe, le se ke la e kgeloha.

34. Ho lehlohonolo motho ya nkutlwang, ya lebelang menyako ya ka ka metsotso yohle, ya fadimehang mathuleng a monyako wa ka.

35. Hobane ya mphumanang o fumane bophelo, mme o tla bona mohau ho Jehova.

36. Empa ya ntshikolohang o senya moya wa hae; bohle ba ntlhoileng ba rata lefu.

Diproverbia 8