Diproverbia 8:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ana bohlale ha bo howe na? Le kutlwisiso ha e phahamise lentswe la yona na?

2. Bo eme diphahameng, le ditseleng, le mapatlelong.

3. Ba howa kgotla, pela dikgoro tsa motse, le hara mapatlelo;

4. bo re: Helang! batho ba baholo, ke bitsa lona, mme lentswe la ka le batla lona, bana ba batho.

5. Oho! lona dithoto, ithuteng masene; le lona mawatla, le batle kutlwisiso.

Diproverbia 8