Diproverbia 31:2-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Keng, mora wa ka! keng, mora wa mpa ya ka! Oho ke tla reng, ngwana wa dikano tsa ka?

3. Se neele basadi matla a hao, se latele basadi ba timetsang marena.

4. Hase marena, Lemuele, hase marena a loketseng ho rata veine, leha e le mahosana ho lakatsa jwala bo tahang;

5. esere mohlomong ba lebala molao, mme ba fosisa nyewe ya motshwenyehi e mong le e mong.

6. Jwala bo tahang le bo nee motho ya ya timela, le veine le e nose motho ya pelo e hlomohileng;

7. hore a nwe, a lebale bofumanehi ba hae, a se ke a hlola a hopola bomadimabe ba hae.

8. Molomo wa hao o o ahlamisetse semumu, mme o emele nyewe tsa bohle ba lahlilweng.

9. Ahlamisa molomo, o ahlole ka ho loka, o ahlolele ya madimabe le mofutsana.

10. Mosadi ya kgabane ke mang ya tla mo fumana? Ke ya bohlokwa ho fetisa diperela hole.

11. Pelo ya monna wa hae e a mo tshepa, mme a ke ke a hlokiswa leruo.

Diproverbia 31