Diproverbia 31:15-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. O tsoha e sa le bosiu, o abela ba ntlo ya hae dijo, le makgabunyane a hae mesebetsi.

16. O kgahlwa ke tshimo, a ye a e reke; ka tseo a di sebeleditseng, o hloma tshimo ya merara.

17. O itlama letheka ka matla, mme o matlafatsa matsoho a hae.

18. O thabela leruo la mahlahahlaha a hae; le bosiu lebone la hae ha le time.

19. Matsoho a hae a tshwara thupa ya ho ohla, menwana ya hae e tsamaisa thupa e etsang ditshwele.

20. O fuparollela bafumanehi seatla sa hae, o se otlollela mohloki.

21. Ha a tshohe lehlwa bakeng sa ba ntlo ya hae, hobane ba ntlo ya hae bohle ba apere dikobo tse futhumetseng.

22. O itohela diphate tse ntle; ho apara ha hae ke lene le sekarelata.

23. Monna wa hae o tsejwa kgorong ya motse, ha a dutse hara banna ba baholo ba setjhaba.

24. O etsa masela a lene, o rekisa ka wona, le dinyepa o rekisa ka tsona ho mohwebi.

25. Matla le hlompho ke seaparo sa hae, o tsheha letsatsi la hosasane.

26. O ahlamisa molomo wa hae ka bohlale, molao o mosa o lelemeng la hae.

27. O alosa ntlo ya hae, ha a je bohobe ba botswa.

28. Bara ba hae ba tsoha, mme ba mmitsa ya lehlohonolo. Monna wa hae le yena o a mo rorisa,

29. o re: Baradi ba bangata ba bile kgabane, empa wena, o ba feta bohle.

30. Kgahleho e a thetsa; botle ke bosawana! Mosadi ya tshabang Jehova ke yena ya tla roriswa.

Diproverbia 31