Diproverbia 29:11-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Lehlanya le hlahatsa kgalefo ya lona; empa ya bohlale o a e tshwara, o a e kgutsisa.

12. Ha morena a ka mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba babe.

13. Mosenyehi le mohlorisi ba kgahlana; ke Jehova ya ba edisang mahlo ba babedi.

14. Ha morena a ka ahlolela mofutsana ka ho loka, tulo tsa hae di tla tiya kamehla.

15. Thupa le kgalemelo di fa motho bohlale, empa mohlankana ya ipusang o hlabisa mmae dihlong.

Diproverbia 29