Diproverbia 29:1-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Motho ya ntseng a kgalemelwa hangata, mme a itshatalatsa molala, o tla robeha hanghang, ho se le sehlare.

2. Mohla ba lokileng ba atang, setjhaba se ye se thabe; empa mohla ho busang e mobe, setjhaba se ye se lle.

3. Ya ratang bohlale o thabisa ntatae; empa ya thabelang diraburabu, o senya letlotlo la hae.

4. Ke ka ho loka morena a tiisang mmuso; empa ya amohelang dimpho o a o diha.

5. Motho ya qekisang wa habo o tjheha sefi maotong a hae.

6. Sebeng sa motho e mobe sefi se teng; empa ya lokileng o a bine, o a thabe.

7. Motho ya lokileng o utlwisisa nyewe ya bafumanehi; empa e mobe ha a e utlwisise, ha a e tsebe.

8. Basomi ba butswella mollo motseng; empa ba bohlale ba tima bohale.

9. Motho ya bohlale ha a tseka le lehlanya, a ke ke a bona kgotso, leha a halefa, leha a tsheha.

10. Ba lapetseng madi ba hloya motho ya phethehileng; empa ba lokileng ba sireletsa ho phela ha hae.

11. Lehlanya le hlahatsa kgalefo ya lona; empa ya bohlale o a e tshwara, o a e kgutsisa.

12. Ha morena a ka mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba babe.

13. Mosenyehi le mohlorisi ba kgahlana; ke Jehova ya ba edisang mahlo ba babedi.

14. Ha morena a ka ahlolela mofutsana ka ho loka, tulo tsa hae di tla tiya kamehla.

15. Thupa le kgalemelo di fa motho bohlale, empa mohlankana ya ipusang o hlabisa mmae dihlong.

16. Mohla ba babe ba tletseng, bokgopo bo a ata; empa ba lokileng ba tla ba bona ha ba ewa.

Diproverbia 29