Diproverbia 28:2-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ha setjhaba se kenwa ke bokwenehi, marena a ba mangata; empa mmuso o tiya ka monna ya masene, wa ditaba.

3. Mohloki ya busang mafutsana, ke sekgohola se sa siyeng bohobe.

4. Ba sa reng letho ka molao ba rorisa ba babe; empa ba o bolokang ba ba lwantsha.

5. Ba babe ha ba utlwisise se lokileng; empa ba batlang Jehova ba utlwisisa ditaba tsohle.

6. Mofumanehi ya tsamayang ka bokgabane ba hae o fetisa ya ditsela tse kgopo, leha a ruile.

7. Ya bolokang molao ke ngwana ya hlalefileng, empa ya itlwaetsang manyolonyolo o hlabisa ntatae dihlong.

8. Ya atisang leruo la hae ka bokgonatha le ka phahello, o bokellela motho ya tla hauhela basenyehi.

9. Ya fapanyang tsebe le molao hore a se ke a o utlwa, esita le thapelo ya hae e manyala.

10. Ya tjhatjhehisang ba lokileng ho ba kgelosetsa tseleng e mpe, e tla ba yena ya welang lemeneng leo a le tjhekileng; ba lokileng bona ba tla ja lefa la lehlohonolo.

11. Morui o bohlale mahlong a hae, empa o lemohuwa ke mofutsana ya kelello.

12. Mohla ba lokileng ba hlolang, boiketlo bo teng; empa ba babe ha ba phahama, ho ipatwa ke batho.

13. Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.

14. Ho lehlohonolo motho ya letswalo kamehla! Ya ithatafatsang pelo o tla wela bobeng.

15. Morena ya lonya ya busang setjhaba se fumanehileng, ke tau e purumang, ke bere e lapileng.

16. Morena ya se nang temoho ke motshwenyi e moholo; empa ya hloileng ho ja batho o tla eketsa ditshiu tsa ho phela ha hae.

Diproverbia 28