Diproverbia 28:13-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.

14. Ho lehlohonolo motho ya letswalo kamehla! Ya ithatafatsang pelo o tla wela bobeng.

15. Morena ya lonya ya busang setjhaba se fumanehileng, ke tau e purumang, ke bere e lapileng.

16. Morena ya se nang temoho ke motshwenyi e moholo; empa ya hloileng ho ja batho o tla eketsa ditshiu tsa ho phela ha hae.

17. Motho ya imetsweng ke madi a motho e mong o ya nne a balehe ho isa lebitleng; le se ke la mo tshwara.

18. Ya tsamayang ho lokeng o tla bolokeha; empa ya kgopo, ya yang ka tsela tse pedi, o tla wela ho e nngwe.

19. Ya itemelang tshimo o tla kgora bohobe, empa ya tlwaelang mahlaswa o tla kgora bofuma.

20. Motho ya tshepehang o ruile mahlohonolo; empa ya ratang ho rua kapele a ke ke a hloka molato.

21. Ho ya ka tshobotsi tsa batho hase ntho e ntle; esita ka baka la leqhetswana la bohobe motho a ka tlola molao.

22. Motho ya mahlo a honohelang o phallela leruo, athe ha a tsebe hoba bofuma bo ya mo wela hodimo.

23. Ya kgalemelang batho, hamorao o tla ratwa haholo ho fetisa ya ba qekisang.

24. Ya utswang tsa ntatae le mmae, mme a re, hase molato, ke wa habo basenyi.

25. Moya o ikgohomosang o butswela dikgang; empa ya tshepang Jehova o tla kgora.

26. Ya itshepelang pelo ya hae ke lehlanya; empa ya tsamayang bohlaleng, o tla pholoha.

Diproverbia 28