Diproverbia 23:16-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Mme ke tla nyakalla kahare ho nna, ha o bua ka ho loka ka melomo ya hao.

17. Pelo ya hao e se ke ya honohela ba babe, o mpe o hlole o tshaba Jehova kamehla,

18. hobane efela moputso o teng, mme tshepo ya hao e ke ke ya etswa lefeela.

19. Mamela, wena, mora ka, o hlalefe, o lebise pelo ya hao tseleng eo.

20. O se ke wa tlwaela manwajwala le manyolonyolo;

21. hobane letahwa le lenyolonyolo ba ipakela bofuma; mme ho rata boroko ho apesa motho maharaswa.

22. Mamela ntatao ya o tswetseng, o se ke wa nyedisa mmao, ha a tsofetse.

23. Rua nnete, o se ke wa rekisa ka yona, le bohlale, le thuto, le kelello.

24. Ntata ya lokileng o tla nyakalla haholo; ya tswetseng ngwana ya bohlale o tla thaba ka yena.

25. A a ke a thabe, ntatao, le yena mmao; a nyakalle, ya o belehileng.

26. Ngwana ka, mphe pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe ke tsela tsa ka.

27. Hobane seraburabu ke lemena le tebileng, mme mosadi wa seotswa ke mokoti o patisaneng.

28. O lalla monna jwaloka hoja ke phoofolo e tsongwang, mme o atisa dihlola hara banna.

29. Bomadimabe ke ba mang na? Jo nna! Jo nna! ke tsa mang? Dikomang ke tsa mang? Dillo ke tsa mang? Maoma a feela ke a mang? Ke a mang mahlo a mafubedu na?

30. Ke a ba qenehelang ho nwa, ba hlanyetsang veine e tswakilweng.

Diproverbia 23