Diproverbia 23:10-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. O se ke wa suthisa mokolokotwane wa kgale, o se ke wa kena tshimong ya dikgutsana;

11. hobane mophetetsi wa tsona o matla, o tla di emela, a di lwanele.

12. Neela thuto pelo ya hao, o sekehele ditaba tsa bohlale ditsebe tsa hao.

13. Se time ngwana kgalemelo; leha o mo shapa ka thupa, a ke ke a shwa:

14. o tla mo shapa ka thupa e le wena, o lopolle moya wa hae nqalong ya bafu.

Diproverbia 23