5. Lehlanya le nyedisa thuto ya ntata lona, empa ya mamelang tayo o a hlalefa.
6. Ka tlung ya motho ya lokileng ho na le matlotlo; empa leruo la e mobe lona ke pelaelo.
7. Melomo ya motho ya hlalefileng e tlatsanya tsebo; empa pelo ya mawatla e tumisa se sa lokang.
8. Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng.
9. Tsela ya e mobe ke manyala ho Jehova; empa o rata ya phehellang ho loka.
10. Tayo e bohloko ho ya kgelohileng tsela, mme ya e hloileng o tla timela.
11. Nqalo ya bafu le sehoko di pontsheng ho Jehova; haholo jwalo dipelo tsa batho.
12. Monyefodi ha a rate ya mo kgalemelang; ha a kopane le ba bohlale.
13. Pelo e thabileng e edisa sefahleho; empa moya o kgathala ke bohloko ba pelo.
14. Pelo ya motho ya masene e sela tsebo; empa molomo wa mawatla o ikgorisa bosawana.
15. Ho motho ya hlomohileng matsatsi a ba mabe kaofela; empa pelo e tshweu ke mokete wa kamehla.
16. Leruonyana le lenyenyane la ya tshabang Jehova le fetisa maruo a maholo a nang le dipelaelo.
17. Ho ja meroho feela moo lerato le leng teng, ho monate ho ena le ho ja kgomo e nonneng, moo ho nang le hloyano.