Dipesaleme 137:3-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. hobane, teng, ba neng ba re isitse kgolehong, ba ne ba kopa dipina ho rona, mme batubi ba rona ba ne ba re qela difela tsa thabo, ba re: A le ke le re bineleng difela tsa Sione!

4. Re ka bina difela tsa Jehova jwang lefatsheng la baditjhaba?

5. Ha nka o lebala, Jerusalema, letsoho la ka le letona le ke le ntebale;

6. leleme la ka le ke le kgomarele mahalapa a ka, ha nka o lebala, ha ke sa bee Jerusalema hore e be thabo ya ka ya pele ho dithabo tse ding!

7. Jehova, o elellwe bana ba Edomo, kamoo ba itseng letsatsing la Jerusalema kateng: Qhaqhollang, qhaqhollang ho isa metheong ya hae!

8. Moradi wa Babilona, ya tlang ho etswa dithako, ho lehlohonolo ya tlang ho busetsa ho wena seo o re entseng sona!

9. Ho lehlohonolo motho ya tlang ho tshwara bana ba hao, a ba pshatlanye majweng!

Dipesaleme 137