Dipesaleme 137 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Dillo tsa ba ileng kgolehong Babilona.

1. Mabopong a dinoka tsa Babilona re ne re dutse, re lla, ha re hopola Sione;

2. ra feha diharepa tsa rona meduwaneng ya teng;

3. hobane, teng, ba neng ba re isitse kgolehong, ba ne ba kopa dipina ho rona, mme batubi ba rona ba ne ba re qela difela tsa thabo, ba re: A le ke le re bineleng difela tsa Sione!

4. Re ka bina difela tsa Jehova jwang lefatsheng la baditjhaba?

5. Ha nka o lebala, Jerusalema, letsoho la ka le letona le ke le ntebale;

6. leleme la ka le ke le kgomarele mahalapa a ka, ha nka o lebala, ha ke sa bee Jerusalema hore e be thabo ya ka ya pele ho dithabo tse ding!

7. Jehova, o elellwe bana ba Edomo, kamoo ba itseng letsatsing la Jerusalema kateng: Qhaqhollang, qhaqhollang ho isa metheong ya hae!

8. Moradi wa Babilona, ya tlang ho etswa dithako, ho lehlohonolo ya tlang ho busetsa ho wena seo o re entseng sona!

9. Ho lehlohonolo motho ya tlang ho tshwara bana ba hao, a ba pshatlanye majweng!