Diketso 16:26-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Mme hang tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, metheo ya teronko ya ba ya sisinyeha; hanghang menyako kaofela ya bulwa, mme mahlaahlela a bohle a lokoloha.

27. Yaba molebedi wa teronko o tsoha borokong, mme ha a bona menyako ya teronko e butswe, a pshemola sabole ya hae, a re o a ipolaya, ka ho re, ba tlamilweng ba balehile.

28. Empa Pauluse a mo howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: O se ke wa ipolaya, hobane re sa le mona kaofela.

29. Eitse ha a kopile lebone, a mathela teng, a itihela maotong a Pauluse le Silase, a ntse a tlakasela.

30. A ntoo ba ntshetsa ntle, a re: Benghadi, e ka kgona ke etse jwang ho bolokeha?

31. Ba re: Dumela ho Morena Jesu Kreste, mme o tla bolokeha, wena le ba ntlo ya hao!

32. Ba ntoo mmolella lentswe la Morena, le bohle ba neng ba le ka tlung ya hae.

33. A ba nka ka yona nako eo ya bosiu, a hlatswa maqeba a bona, mme a kolobetswa kapele, yena le ba ntlo ya hae kaofela.

34. A ba isa ka tlung ya hae, a bea dijo pela bona, mme a thaba kahobane a dumetse ho Modimo hammoho le ba ntlo ya hae kaofela.

35. Yare hobane bo se, babusi ba romela ho yena bahlanka ba bona, ba re: Lesa batho bao ba ikele.

36. Molebedi wa teronko a bolella Pauluse taba eo, a re: Babusi ba rometse hore le leswe, le ikele; jwale, le ka tswa, la ikela ka kgotso.

37. Empa Pauluse a re ho bona: Ba re shapile pontsheng, re eso ho ahlolwe, rona re leng Baroma, ba re kentse le teronkong; mme jwale ba rata ho re ntsha teng ka sephiring na? Ha ho se be jwalo; ho mpe ho tle bona ka sebele, ba re ntshe.

38. Bahlanka ba isa ditaba tseo ho babusi; mme bao, yare ha ba utlwa hoba ke Baroma, ba tshaba.

39. Ba tla, ba ba rapela, mme eitse hobane ba ba ntshetse ntle, ba ba kopa hore ba tlohe motseng.

40. Yare hobane ba tswe teronkong, ba ya ha Lidia, ba tshedisa baena; ba ntoo tloha.

Diketso 16