Empa Pauluse a re ho bona: Ba re shapile pontsheng, re eso ho ahlolwe, rona re leng Baroma, ba re kentse le teronkong; mme jwale ba rata ho re ntsha teng ka sephiring na? Ha ho se be jwalo; ho mpe ho tle bona ka sebele, ba re ntshe.