Diketso 16:24-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Eo, yare hobane a laelwe jwalo, a ba kenya teronkong e kahare, mme a patisa maoto a bona ka difate.

25. Empa bosiu bo boholo, Pauluse le Silase ba ne ba rapela, ba binela Modimo difela; mme ba kwaletsweng le bona ba ne ba ba mamela.

26. Mme hang tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, metheo ya teronko ya ba ya sisinyeha; hanghang menyako kaofela ya bulwa, mme mahlaahlela a bohle a lokoloha.

27. Yaba molebedi wa teronko o tsoha borokong, mme ha a bona menyako ya teronko e butswe, a pshemola sabole ya hae, a re o a ipolaya, ka ho re, ba tlamilweng ba balehile.

28. Empa Pauluse a mo howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: O se ke wa ipolaya, hobane re sa le mona kaofela.

29. Eitse ha a kopile lebone, a mathela teng, a itihela maotong a Pauluse le Silase, a ntse a tlakasela.

30. A ntoo ba ntshetsa ntle, a re: Benghadi, e ka kgona ke etse jwang ho bolokeha?

31. Ba re: Dumela ho Morena Jesu Kreste, mme o tla bolokeha, wena le ba ntlo ya hao!

32. Ba ntoo mmolella lentswe la Morena, le bohle ba neng ba le ka tlung ya hae.

33. A ba nka ka yona nako eo ya bosiu, a hlatswa maqeba a bona, mme a kolobetswa kapele, yena le ba ntlo ya hae kaofela.

34. A ba isa ka tlung ya hae, a bea dijo pela bona, mme a thaba kahobane a dumetse ho Modimo hammoho le ba ntlo ya hae kaofela.

35. Yare hobane bo se, babusi ba romela ho yena bahlanka ba bona, ba re: Lesa batho bao ba ikele.

36. Molebedi wa teronko a bolella Pauluse taba eo, a re: Babusi ba rometse hore le leswe, le ikele; jwale, le ka tswa, la ikela ka kgotso.

37. Empa Pauluse a re ho bona: Ba re shapile pontsheng, re eso ho ahlolwe, rona re leng Baroma, ba re kentse le teronkong; mme jwale ba rata ho re ntsha teng ka sephiring na? Ha ho se be jwalo; ho mpe ho tle bona ka sebele, ba re ntshe.

Diketso 16