Deuteronoma 34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Ho shwa ha Moshe.

1. Moshe a tloha mahwatateng a Moabe, a nyolohela thabeng ya Nebo, qhoweng ya Pisga malebana le Jeriko; Jehova a mmontsha lefatshe lohle: naha yohle ya Gileade ho isa Dane,

2. le naha yohle ya Nefthali, le naha ya Efraime, le ya Manasse, le naha yohle ya Juda, ho isa Lewatleng la Bophirimela,

3. le naha e ka nqa borwa, le naha ya Jordane, le lehwatata la Jeriko, motse wa dipalema, ho isa Tsoware.

4. Jehova a re ho yena: Ke lona lefatshe leo ke anetseng Abrahama, Isaaka le Jakobo, ka re: Ke tla le nea ditloholo tsa lona. Ke o bontsha lona, o tle o le bone ka mahlo; empa u ke ke wa kena ho lona.

5. Moshe, mohlanka wa Modimo, a shwela hona teng, naheng ya Moabe, ka taelo ya Jehova.

6. A patwa naheng ya Moabe, sekgutlong se lebaneng le Bethe-Peore; empa ha ho motho ya tsebileng lebitla la hae ho fihlela letsatsing la kajeno.

7. Mohla Moshe a shwang, o ne a le dilemo tse lekgolo le nang le mashome a mabedi; mahlo a hae a ne a eso ho fifale; mme matla a hae a ne a eso ho kokobele.

8. Bana ba Iseraele ba llela Moshe, mahwatateng a Moabe, ka matsatsi a mashome a mararo; matsatsi a dillo le a bofifi ba Moshe a ba a fela.

9. Haele Joshua, mora Nune, o ne a tletse moya wa bohlale; hobane Moshe o ne a mmeile matsoho hodimo; bana ba Iseraele ba mo utlwa, mme ba etsa jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

10. Ha ho a ka ha boela ha eba moporofeta Iseraeleng ya jwaloka Moshe, eo Jehova a mo tsebileng, sefahleho se tadimane le sefahleho.

11. Ha ho e mong ya ileng a tshwana le yena ka dipontsho tsohle, le mehlolo eo Jehova a mo romileng ho e etsa naheng ya Egepeta, ho Faro, le ho bahlanka ba hae kaofela, le ho naha ya hae yohle;

12. le ka tsohle tseo a di entseng ka letsoho le matla, le ka letsoso lohle le leholo leo Moshe a le hlahisitseng pontsheng ya Baiseraele bohle.