Deuteronoma 25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Ditseko.

1. Etlere ha batho ba bang ba ena le tseko, mme ba etla nyeweng ho tla ahlolwa, ya lokileng a ke a bolelwe hoba o lokile, mme ya molato a tsuwe.

2. Ya molato ha a tshwanelwa ke ho shapuwa, moahlodi o tla laela hore a paqamiswe fatshe, mme a shapuwe pontsheng ya hae ka ditjhapo tse tshwanelang molato wa hae.

3. Moahlodi a ka mo shapa ka ditjhapo tse mashome a mane, a se ke a di tlola, esere ha a ka tlola ka ho mo shapa ka ditjhapo tse fetisang tseo, ngwaneno a ka nyediseha pela hao.

4. O se ke wa thiba molomo wa kgomo ha e pola.

Ho kenela.

5. Etlere ha bana ba motho a le mong ba ahile hammoho, mme e mong wa bona a eshwa a se na mora, mosadi wa mofu a se ke a nyalwa kantle ke monna osele, empa ngwanabo monna wa hae a tle ho yena, a mo nke ho mo etsa mosadi wa hae, mme a etse ho yena se tshwanelang ngwanabo monna ya shweleng.

6. Ngwana wa letsibolo ya tswalwang ke yena, o tla nka sebaka sa monna eo ya shweleng, a reellwe lebitso la hae, hore lebitso la eo le tle le se ke la hlakolwa Iseraeleng.

7. Ekare ha motho eo a sa rate ho nka mosadi wa ngwanabo, mosadi eo wa ngwanabo o tla ya kgorong ho baholo, a re ho bona: Ngwanabo monna wa ka o hana ho tsosetsa ngwanabo lebitso Iseraeleng, o hana ho nketsa se tshwanelang ngwanabo monna wa ka.

8. Baholo ba motse ba tla mmitsa, ba bue le yena; ha a ka phehella, a re: Ha ke rate ho mo nka;

9. mosadi wa ngwanabo o tla mo atamela pontsheng ya baholo, a mo role seeta leotong la hae, a mo tshwele ka mathe sefahlehong, mme a bolele, a re: Ho etswa jwalo ho monna ya hanang ho haha ntlo ya ngwanabo.

10. Lebitso leo a tla bitswa Iseraeleng ka lona, ho tla thwe: Ntlo ya ya rotsweng seeta.

11. Etlere ha banna ba lwana hammoho, mme mosadi wa e mong a etla ho namolela monna wa hae matsohong a ya mo otlang, mme a isa letshoho la hae, a mo tshwara dipele,

12. o ke o mo pome letsoho, mme leihlo la hao le se ke la mo hauhela.

Ditekanyo.

13. Mekotleng ya hao o se ke wa ba le majwe a ho lekanya a sa lekaneng, ke ho re, lejwe le leng le leholo, le le leng le lenyenyane.

14. O se ke wa ba le ditekanyo tse sa lekaneng tlung ya hao, e nngwe ya eba kgolo, e nngwe ya eba nyenyane.

15. O be le majwe a ho lekanya a sebele, a lokileng; le yona efa ya hao e be ya sebele, ya nnete, matsatsi a hao a tle a ngatafale lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona.

16. Hobane bohle ba etsang tse jwalo, bohle ba etsang ka bokgopo, ba manyala ho Jehova, Modimo wa hao.

Ho fediswe Baamaleke.

17. Hopola seo Baamaleke ba o entseng sona, tseleng, mohlang le tswang Egepeta;

18. Kamoo ba o kgahlanyeditseng kateng tseleng, ba lwantsha masala a hao, ba bolaya bohle ba hao ba setseng morao ke ho fokola, ha o ne o tepeletse, o kgathetse; mme ha ba ka ba tshaba Modimo.

19. Ka baka leo, etlere hobane Jehova, Modimo wa hao, a o nee phomolo ka ho fedisa dira tsa hao kaofela tse o teetseng hare, lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho ba lefa le ruwang ke wena, o hlakole lebitso la Baamaleke tlasa lehodimo. O se ke wa ba lebala.