Baroma 4:13-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Leha e le pallo ya ho rua lefatshe ka mokgwa wa lefa, ha e a ka ya etsetswa Abrahama le ditloholo tsa hae ka molao, empa e bile ka ho loka ha tumelo.

14. Hobane ekare ha majalefa e le wona ka molao, ekaba he tumelo e fetohile ntho feela, le yona pallo e fidisitswe;

15. hobane molao o hlahisa bohale; hobane moo molao o leng siyo, le ho tlola ho siyo.

16. Ha ho le jwalo, majalefa ke wona ka tumelo, hore e tle e be ka mohau; pallo e tle e tiye ho leloko lohle la Abrahama; e seng ho leloko leo e leng lona ka molao feela, empa e be le ho leo e leng lona ka tumelo ya Abrahama, ntata rona bohle,

17. jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ke o beile ntata ditjhaba tse ngata. Ke ntata rona bohle pela Modimo oo a dumetseng ho wona, o phedisang ba shweleng, o bitsang dintho tse siyo jwaloka hoja di le teng.

18. Abrahama o dumetse ka tshepo, leha ho ne ho se sebaka sa ho tshepa, hore o tla fetoha ntata ditjhaba tse ngata, ka seo a se boleletsweng, ha thwe: Leloko la hao e tla ba le lekalo.

19. Mme kahobane a ne a sa fokole tumelong, ha a ka a bala mmele wa hae o seng o shwele (athe dilemo tsa hae di ne di batla ho ba lekgolo), leha e le ho shwa ha popelo ya Sara.

20. Ha a ka a belaela ka pallo ya Modimo ka ho se dumele, a mpa a ipha matla tumelong, a ntse a rorisa Modimo;

21. a kgolwa ruri hoba seo o se baletseng, o na le matla a ho se etsahatsa.

Baroma 4