1. Ha ho le jwalo, re tla re, Abrahama, ntata rona o ile a rua eng ka nqeng ya nama?
2. Hobane ha re ka re, Abrahama o beilwe ya lokileng ka mesebetsi, o na le sebaka sa ho ithorisa; empa ha a na sona pela Modimo.
3. Hobane Lengolo le reng? Le re: Abrahama a dumela ho Modimo, mme a ballwa tumelo eo hoba ke ho loka.
4. Haele moputso wa ya sebetsang, ha o balwe hore ke mohau empa ho thwe, ke molato.
5. Athe ya sa sebetseng, a mpa a dumela ho ya beang moetsadibe ya lokileng, tumelo ya hae o e ballwa hoba ke ho loka;
6. jwalokaha Davida le yena a bolela lehlohonolo la motho eo Modimo o mmeang ya lokileng kantle ho mesebetsi, ha a re:
7. Ho lehlohonolo ba leseletsweng makgopo a bona, bao dibe tsa bona di apesitsweng!
8. Ho lehlohonolo monna eo Morena a sa mmalleng sebe sa hae!
9. Hleka lehlohonolo leo le tlela ba lebollo ba nnotshi, na ha le tlele le bona ba sa bollang na? Re tswa re: Abrahama o kile a ballwa tumelo hoba ke ho loka.
10. Ana o ne a e ballwe a le jwang? A ke ha a se a bolotse, kapa a ke ha a eso ho ka a bolla na? E ne e se ha a se a bolotse, empa e ne e le ha a eso ho ka a bolla.
11. A ntoo fuwa letshwao la lebollo, e tle e be tiiso ya ho loka ha tumelo, hoo a bileng le hona ha a eso ho bolle; e tle e be yena ntata bohle ba dumelang, leha ba sa ka ba bolla, hore le bona ba tle ba ballwe ho loka;
12. e be ntate le wa ba lebollo, ke ho re, wa bao e seng ba lebollo feela ba mpang ba tsamaya le ka mehlala ya tumelo eo ntata rona Abrahama a bileng le yona, ha a eso ho bolle.
13. Leha e le pallo ya ho rua lefatshe ka mokgwa wa lefa, ha e a ka ya etsetswa Abrahama le ditloholo tsa hae ka molao, empa e bile ka ho loka ha tumelo.
14. Hobane ekare ha majalefa e le wona ka molao, ekaba he tumelo e fetohile ntho feela, le yona pallo e fidisitswe;
15. hobane molao o hlahisa bohale; hobane moo molao o leng siyo, le ho tlola ho siyo.
16. Ha ho le jwalo, majalefa ke wona ka tumelo, hore e tle e be ka mohau; pallo e tle e tiye ho leloko lohle la Abrahama; e seng ho leloko leo e leng lona ka molao feela, empa e be le ho leo e leng lona ka tumelo ya Abrahama, ntata rona bohle,
17. jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ke o beile ntata ditjhaba tse ngata. Ke ntata rona bohle pela Modimo oo a dumetseng ho wona, o phedisang ba shweleng, o bitsang dintho tse siyo jwaloka hoja di le teng.
18. Abrahama o dumetse ka tshepo, leha ho ne ho se sebaka sa ho tshepa, hore o tla fetoha ntata ditjhaba tse ngata, ka seo a se boleletsweng, ha thwe: Leloko la hao e tla ba le lekalo.
19. Mme kahobane a ne a sa fokole tumelong, ha a ka a bala mmele wa hae o seng o shwele (athe dilemo tsa hae di ne di batla ho ba lekgolo), leha e le ho shwa ha popelo ya Sara.
20. Ha a ka a belaela ka pallo ya Modimo ka ho se dumele, a mpa a ipha matla tumelong, a ntse a rorisa Modimo;
21. a kgolwa ruri hoba seo o se baletseng, o na le matla a ho se etsahatsa.
22. Ka baka leo, o baletswe hoo hoba ke ho loka.
23. Mme ha ho ngodilwe hore o ho baletswe hoba ke ho loka, hase ho lekanya yena a nnotshi;
24. empa ke ho lekanya le rona, hore re tla ho ballwa, rona ba dumelang ho ya tsositseng Jesu, Morena wa rona, bafung;
25. e leng yena ya teletsweng lefu ka baka la dibe tsa rona, mme o tsositswe ho re bea ba lokileng.