1. Motho ka mong a ikokobetse katlasa borena, hobane ha ho borena bo sa tsweng ho Modimo; marena a leng teng a beilwe ke Modimo.
2. Ka baka leo, ya hanang ho borena, o hana molao wa Modimo, mme ba hanang ba ikgulela tsuo hodimo.
3. Hobane ba busang ha ba tshabehe ho ba etsang hantle, empa ba tshabeha ho ba etsang hampe. Na o rata hoba o se ke wa tshaba borena na? Etsa hantle, mme o tla bokwa ke hona.
4. Hobane morena ke mohlanka wa Modimo ho o isa botleng. Empa ekare ha o etsa hampe, tshaba; hobane morena ha a tshwara sabole feela; hobane ke mohlanka wa Modimo, le mophetetsi ya beilweng ho otla ya etsang bobe.
5. Ke hona le tshwanetseng ho ipea katlasa borena, e seng ka baka la ho tshaba kotlo feela, empa e be le ka baka la letswalo.
6. Ke ka baka leo le ntshang makgetho; hobane marena ke babusisi ba Modimo ba tiisetsang kabelong ya bona kamehla.
7. Ka baka leo, ke re: Neang batho bohle se ba tshwanelang: ya tshwanelwang ke lekgetho, le mo nee lekgetho; ya tshwanelwang ke seabo, le mo nee seabo; ya tshwanelwang ke tshabo, le mo tshabe; ya tshwanelwang ke hlompho, le mo hlomphe.
8. Le se ke la ba le molato ho motho, haese wa ho ratana; hobane ya ratang ba bang ke yena ya phethileng molao.
9. Hobane melao e reng: O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa bea bopaki ba bohata, o se ke wa lakatsa ntho ya e mong, leha e le melao efe le efe e sa leng teng, e akareditswe ke polelo ena e reng: Rata wa heno, jwalokaha o ithata.
10. Lerato ha le etse wa habo motho hampe; ke moo lerato e leng phetho ya molao.
11. Le tiisetseng teng, kahobane re tseba dinako, hoba e se e le nako ya ho tsoha borokong; hobane haele kajeno, poloko e haufi le rona ho fetisa mohla re dumetseng.
12. Bosiu bo se bo ya sa, letsatsi le se le atametse; a re lahleng ke hona mesebetsi ya lefifi, mme re apareng dihlomo tsa lesedi.
13. Re tsamayeng ka mokgwa o tshwanelang, jwaloka batho ba tsamayang motshehare o moholo, e seng ka meharo, le botahwa, le bootswa, le dikgang, le mona.
14. Le mpe le ikapese ka Morena Jesu Kreste, mme le se ke la baballa nama ho e kgorisa ditakatsong tsa yona.