Baahlodi 20:23-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla pela Jehova, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba boela ba botsa Jehova, ba re: Ana re tla boela re lwantshe bana ba Benjamine, banababo rona, na? Jehova a re: Nyolohang ho ya ba lwantsha.

24. Yaba bana ba Iseraele ba atamela bana ba Benjamine la bobedi.

25. Babenjamine ba tswa Gibea ho ya ba kgahlanyetsa, e le la bobedi, mme ba bolaela fatshe ho bana ba Iseraele banna ba kete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, e leng ba pshemolang sabole kaofela ha bona.

26. Yaba bana bohle ba Iseraele le setjhaba sohle ba nyoloha, ba ya Bethele, ba lla ba ntse ba eme hona teng pela Jehova; ba itima dijo ka tsatsi leo, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba hlaba ditjheso le mahlabelo a teboho pela Jehova.

27. Bana ba Iseraele ba ntoo botsa Jehova (hobane areka ya selekane sa Modimo e ne e le teng ho bona mohlang oo;

28. Finease, mora Eleasare, mora Aarone, o ne a eme pela Modimo mohlang oo), ba re: Na re tla boela re tswe ho ya lwantsha bana ba Benjamine, banababo rona, kapa a re tla lesa na? Jehova a re: Nyolohang, hobane hosasane, ke tla ba neela matsohong a lona.

29. Yaba Baiseraele ba bea banna ba laletseng ka nqa tsohle ho Gibea.

30. Bana ba Iseraele ba nyoloha la boraro ho lwantsha bana ba Benjamine, mme ba hlopholla ntwa pela Gibea, jwaloka pele.

31. Bana ba Benjamine ba tswa ho kgahlanyetsa setjhaba, mme ba hulelwa hole le motse; hona teng, ba hla ba bolaya ba bang ba setjhaba, jwaloka pele, tseleng e nyolosetsang Bethele le tsela e yang Gibea, e le hara naha, mme ha eshwa Baiseraele ba batlileng ho etsa mashome a mararo.

32. Yaba bana ba Benjamine ba re: Ba qhalwa pela rona jwaloka pele. Athe bana ba Iseraele, bona, ba ne ba re: A re baleheng, re tle re ba hulele ditseleng hole le motse.

33. Yaba banna ba Iseraele bohle ba ema moo ba leng teng, ba hlopholla ntwa Baale-Thamare; le Baiseraele ba laletseng ba phakisa ba tswa moo ba leng teng, thoteng ya Gibea.

34. Ke ha banna ba dikete tse leshome ba kgethilweng hara Baiseraele bohle ba hlaha pela Gibea, mme ntwa ya lwana hathata, Babenjamine ba mpa ba sa tsebe kotsi e ya ba hlahela.

35. Jehova a qhala Benjamine pela Iseraele, mme ka lona tsatsi leo, banna ba Iseraele ba timetsa banna ba Benjamine ba kete tse mashome a mabedi a metso e mehlano tse nang le lekgolo le le leng, e leng ba pshemolang sabole kaofela ha bona.

36. Bana ba Benjamine ba ne ba bone eka bana ba Iseraele ba hlotswe; hobane ba ne ba suthile pela Babenjamine, athe ba ne ba tshepile ba laletseng ba beilweng ho patela Gibea.

37. Ba laletseng ba ne ba phakisitse, ba neheletse Gibea. Ba laletseng ba tswela pele, ba bolaya bohle ba motse ka bohale ba lerumo.

Baahlodi 20