Baahlodi 20:23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla pela Jehova, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba boela ba botsa Jehova, ba re: Ana re tla boela re lwantshe bana ba Benjamine, banababo rona, na? Jehova a re: Nyolohang ho ya ba lwantsha.

Baahlodi 20

Baahlodi 20:18-26