Baahlodi 20:13-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Jwale, re neeleng batho bao ba Gibea, bana ba Beliale, re tle re ba bolaye, re hlakole bobe Iseraeleng. Empa Babenjamine ba hana ho utlwa mantswe a banababo bona, bana ba Iseraele.

14. Bana ba Benjamine ba tswa metseng ya bona, ba bokana Gibea, ho ya lwana le bana ba Iseraele.

15. Tsatsing lona leo, bana ba Benjamine, ba tswileng metseng ya bona, ba balwa, ya eba banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng, ba pshemolang sabole, kantle ho ba ahileng Gibea, bao e neng e le banna ba dinatla ba makgolo a supileng, ha ba balwa.

16. Hara banna bao ba bakalo, ho ne ho na le banna ba makgolo a supileng ba dinatla ba maqele; bao kaofela ba ne ba betsa majwe ka letjeketjane, ba sa fose le ntho e botenya ba moriri.

17. Kantle ho Benjamine, banna ba Iseraele ha ba balwa, ya eba banna ba kete tse makgolo a mane, ba pshemolang sabole, banna ba ntwa kaofela ha bona.

18. Bana ba Iseraele ba tloha, ba nyolohela Bethele, ba botsa Modimo, ba re: Ke mang ho rona ya tla etella ba bang pele ho futuhela bana ba Benjamine? Jehova a re: Ho etelle Juda pele.

19. Ha ho le jwalo, bana ba Iseraele ba tsoha e sa le hosasa, ba ya emisa pela Gibea.

20. Banna ba Iseraele ba tswa ho ya lwantsha Babenjamine, mme banna ba Iseraele ba hlopholla ntwa pela Gibea.

21. Jwale, bana ba Benjamine ba tswa Gibea, mme tsatsing leo ba bolaela fatshe Baiseraele ba kete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.

22. Leha ho le jwalo, setjhaba, e leng banna ba Iseraele, sa beta pelo, mme sa boela sa hlopholla ntwa moo se neng se e hlopholotse pele.

23. Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla pela Jehova, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba boela ba botsa Jehova, ba re: Ana re tla boela re lwantshe bana ba Benjamine, banababo rona, na? Jehova a re: Nyolohang ho ya ba lwantsha.

24. Yaba bana ba Iseraele ba atamela bana ba Benjamine la bobedi.

25. Babenjamine ba tswa Gibea ho ya ba kgahlanyetsa, e le la bobedi, mme ba bolaela fatshe ho bana ba Iseraele banna ba kete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, e leng ba pshemolang sabole kaofela ha bona.

Baahlodi 20