9. Modimo wa utlwa lentswe la Manowa, mme lengeloi la Modimo la boela la tla ho mosadi a dutse masimong, Manowa, monna wa hae, a se teng le yena.
10. Mosadi a phakisa a matha, a tsebisa monna wa hae, a re ho yena: Bona, monna ya tlileng ho nna maoba, o boetse o itlhahisitse ho nna.
11. Manowa a tloha, a sala mosadi wa hae morao, a fihla ho monna wa Modimo, a re ho yena: Na ke wena monna ya kileng a bua le mosadi enwa na? A araba, a re: Ke nna enwa.
12. Manowa a re: Etlare hobane seo o se boletseng se etsahale, molao o tlang ho busa ngwana e tla ba ofe, mosebetsi wa hae e tla ba ofe na?
13. Lengeloi la Jehova la re ho Manowa: Mosadi a ke a itshabise tsohle tseo ke di boletseng;
14. a se ke a ja letho le tswang morareng, a se ke a nwa veine, leha e le seno se bodila, mme a se ke a ja letho le ditshila; a boloke tsohle tseo ke mo laetseng tsona.
15. Manowa a re ho lengeloi la Jehova: Re dumelle re o thibele, re tle re o lokisetse potsanyane.
16. Lengeloi la Jehova la re ho Manowa: Leha o ka nthibela, nke ke ka ja dijo tsa hao; leha o ka etsa setjheso, se etsetse Jehova. Hobane Manowa o ne a sa tsebe hoba ke lengeloi la Jehova.
17. Manowa a botsa lengeloi, a re: Bitso la hao o mang, re tle re o rorise, ha se boletsweng ke wena se hlahile?
18. Lengeloi la Jehova la re ho yena: O botsetsang lebitso la ka? Ke le makatsang!
19. Yaba Manowa o nka potsanyane le nyehelo, a di beela Jehova lefikeng. Lengeloi la etsa ho makatsang, Manowa le mosadi wa hae ba ntse ba tadimile.
20. Yare ha malakabe a aletare a nyolohela lehodimong, lengeloi la Jehova la nyoloha le lona malakabeng a aletare, Manowa le mosadi wa hae ba ntse ba tadimile; mme ba itihela fatshe ka difahleho tsa bona.
21. Lengeloi la Jehova ha le a ka la boela la hlahela Manowa le mosadi wa hae. Jwale Manowa a tseba hobane e ne e le lengeloi la Jehova.
22. Manowa a ba a re ho mosadi wa hae: Re tla shwela ruri, hobane re bone Modimo.