Baahlodi 13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Samsone. — Ho tswalwa ha hae.

1. Yaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme Jehova a ba neela matsohong a Bafilesta ka dilemo tse mashome a mane.

2. Monna o ne a le teng Tsorea, wa leloko la Dane, lebitso la hae e le Manowa; mosadi wa hae e ne e le nyopa, a sa tswale bana.

3. Lengeloi la Jehova la hlahela mosadi eo, la re ho yena: Bona, o nyopa, mme ha o tswale bana; empa o tla emara, o tswale moshanyana.

4. Mme jwale, o tle o iponele hle; o se ke wa nwa veine, leha e le seno se bodila, mme o se ke wa ja letho le ditshila.

5. Hobane, bona, o tla emara, o tswale moshanyana; lehare le ke ke la mmeola hlooho, hobane ngwana e tla ba monasari wa Modimo, a sa le popelong ya mmae: ke yena ya tla qala ho namolela Iseraele matsohong a Bafilesta.

6. Yaba mosadi o ya, a bolella monna wa hae, a re: Ho tlile ho nna monna wa Modimo, sebopeho sa hae e ne e le se kang sebopeho sa lengeloi la Modimo ka ho tshabeha; ha ke a ka ka mmotsa moo a tswang teng, le lebitso la hae ha a ka a mpolella lona.

7. O itse ho nna: Bona, o tla emara, o tswale moshanyana; mme jwale, o se ke wa nwa veine, leha e le seno se bodila, mme o se ke wa ja letho le ditshila, hobane ngwana e tla ba monasari wa Modimo, a sa le popelong ya mmae, a be a shwe.

8. Yaba Manowa o rapela Jehova, a re: Oho Monghadi, monna wa Modimo, ya romilweng ke wena, a ke a boele a tle ho rona, mme a re rute kamoo re tshwanetseng ho etsetsa ngwana ya tla hlaha kateng.

9. Modimo wa utlwa lentswe la Manowa, mme lengeloi la Modimo la boela la tla ho mosadi a dutse masimong, Manowa, monna wa hae, a se teng le yena.

10. Mosadi a phakisa a matha, a tsebisa monna wa hae, a re ho yena: Bona, monna ya tlileng ho nna maoba, o boetse o itlhahisitse ho nna.

11. Manowa a tloha, a sala mosadi wa hae morao, a fihla ho monna wa Modimo, a re ho yena: Na ke wena monna ya kileng a bua le mosadi enwa na? A araba, a re: Ke nna enwa.

12. Manowa a re: Etlare hobane seo o se boletseng se etsahale, molao o tlang ho busa ngwana e tla ba ofe, mosebetsi wa hae e tla ba ofe na?

13. Lengeloi la Jehova la re ho Manowa: Mosadi a ke a itshabise tsohle tseo ke di boletseng;

14. a se ke a ja letho le tswang morareng, a se ke a nwa veine, leha e le seno se bodila, mme a se ke a ja letho le ditshila; a boloke tsohle tseo ke mo laetseng tsona.

15. Manowa a re ho lengeloi la Jehova: Re dumelle re o thibele, re tle re o lokisetse potsanyane.

16. Lengeloi la Jehova la re ho Manowa: Leha o ka nthibela, nke ke ka ja dijo tsa hao; leha o ka etsa setjheso, se etsetse Jehova. Hobane Manowa o ne a sa tsebe hoba ke lengeloi la Jehova.

17. Manowa a botsa lengeloi, a re: Bitso la hao o mang, re tle re o rorise, ha se boletsweng ke wena se hlahile?

18. Lengeloi la Jehova la re ho yena: O botsetsang lebitso la ka? Ke le makatsang!

19. Yaba Manowa o nka potsanyane le nyehelo, a di beela Jehova lefikeng. Lengeloi la etsa ho makatsang, Manowa le mosadi wa hae ba ntse ba tadimile.

20. Yare ha malakabe a aletare a nyolohela lehodimong, lengeloi la Jehova la nyoloha le lona malakabeng a aletare, Manowa le mosadi wa hae ba ntse ba tadimile; mme ba itihela fatshe ka difahleho tsa bona.

21. Lengeloi la Jehova ha le a ka la boela la hlahela Manowa le mosadi wa hae. Jwale Manowa a tseba hobane e ne e le lengeloi la Jehova.

22. Manowa a ba a re ho mosadi wa hae: Re tla shwela ruri, hobane re bone Modimo.

23. Mosadi wa hae a re ho yena: Hojane Jehova a ratile ho re bolaya, a ka be a sa ka a amohela setjheso le nyehelo matsohong a rona, mme a ka be a sa ka a re bontsha dintho tseo tsohle, leha e le ho re tsebisa taba tse kalo nakong ena.

24. Mosadi eo a tswala moshanyana, mme a mo rea lebitso la Samsone; ngwana a nna a hola, mme Jehova a nna a mo hlohonolofatsa.

25. Moya wa Jehova wa qala ho mo sisinya, a le Mahane-Dane, mahareng a Tsorea le Eshthaole.