Tshimoloho 9:7-15 BIBELE (SSO89SO)

7. “Jwale lona atang, le ngatafale; anafalang le tlale lefatshe.”

8. Yaba Modimo o bua ho Nowe, a ena le bara ba hae, o re:

9. “Bonang, nna, ke etsa selekane sa ka le lona, le ditloholo tsa lona.

10. Ke se etsa le dibopuwa tsohle tse phelang, tse nang le lona: Dinonyana, makgomo, le diphoofolo tse hlaha, le tsohle tse tswileng ka arekeng.

11. Ke etsa selekane sa ka le lona: Ha ho ka ke ha hlola ho timetswa batho ka morallo wa metsi. Hape ha ho ka ke ha hlola ho eba le morallo wa metsi o tla timetsa lefatshe.”

12. Modimo a re: “Ke sena sesupo sa selekane seo ke se etsang le lona le tsohle tse phelang le lona, le meloko e tlang:

13. Ke tla hloma mookodi wa ka marung, mme e tla ba sesupo sa selekane sa ka le lefatshe.

14. Ha ke tlisa maru hodima lefatshe, mme mookodi o bonahala marung,

15. ke tla hopola selekane seo ke se entseng le lona, le dibopuwa tsohle tse phelang, mme metsi a ke ke a hlola a etsa morallo o tla timetsa batho bohle.

Tshimoloho 9