Tshimoloho 9:3-16 BIBELE (SSO89SO)

3. Tsohle tse tsamayang, tse phelang, e tla ba dijo tsa lona, jwalokaha ke le neile meroho e metala. Tsena tsohle ke le nea tsona.

4. “Feela le se ke la ja nama e ntseng e ena le bophelo, e leng madi.

5. Madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla. Ke tla a batla dibataneng tsohle, le matsohong a motho. Ke tla batla bophelo ba motho matsohong a ngwanabo.

6. “Mang le mangya tshollang madi a motho,le yena madi a haea tla tshollwa ke motho,hobane Modimo o entse mothoka setshwano sa Modimo.

7. “Jwale lona atang, le ngatafale; anafalang le tlale lefatshe.”

8. Yaba Modimo o bua ho Nowe, a ena le bara ba hae, o re:

9. “Bonang, nna, ke etsa selekane sa ka le lona, le ditloholo tsa lona.

10. Ke se etsa le dibopuwa tsohle tse phelang, tse nang le lona: Dinonyana, makgomo, le diphoofolo tse hlaha, le tsohle tse tswileng ka arekeng.

11. Ke etsa selekane sa ka le lona: Ha ho ka ke ha hlola ho timetswa batho ka morallo wa metsi. Hape ha ho ka ke ha hlola ho eba le morallo wa metsi o tla timetsa lefatshe.”

12. Modimo a re: “Ke sena sesupo sa selekane seo ke se etsang le lona le tsohle tse phelang le lona, le meloko e tlang:

13. Ke tla hloma mookodi wa ka marung, mme e tla ba sesupo sa selekane sa ka le lefatshe.

14. Ha ke tlisa maru hodima lefatshe, mme mookodi o bonahala marung,

15. ke tla hopola selekane seo ke se entseng le lona, le dibopuwa tsohle tse phelang, mme metsi a ke ke a hlola a etsa morallo o tla timetsa batho bohle.

16. Mookodi o tla ba marung, mme ha ke o tadima, ke tla hopola selekane se sa feleng, se pakeng tsa Modimo le dibopuwa tsohle tse phelang, tse teng lefatsheng.”

Tshimoloho 9