16. Mookodi o tla ba marung, mme ha ke o tadima, ke tla hopola selekane se sa feleng, se pakeng tsa Modimo le dibopuwa tsohle tse phelang, tse teng lefatsheng.”
17. Modimo a re ho Nowe: “Sena ke sesupo sa selekane seo ke se entseng pakeng tsa ka le batho bohle ba teng lefatsheng.”
18. Bara ba Nowe, ba ileng ba tswa ka arekeng, e ne e le Sema le Kama le Jafeta. Kama ke ntata Kanana.
19. Ba bararo bana e ne e le bara ba Nowe, mme batho bohle ba lefatsheng ba tswetswe ke bona.
20. Nowe e ne e le molemi; ya eba yena wa ho qala ho lema morara.
21. A nwa veine, a tahwa, a robala ka tenteng a sa tena.
22. Kama, ntata Kanana, ha a bona bofeela ba ntatae, a ya bolella bana babo ba babedi ba le kantle.