Tshimoloho 9:14-26 BIBELE (SSO89SO)

14. Ha ke tlisa maru hodima lefatshe, mme mookodi o bonahala marung,

15. ke tla hopola selekane seo ke se entseng le lona, le dibopuwa tsohle tse phelang, mme metsi a ke ke a hlola a etsa morallo o tla timetsa batho bohle.

16. Mookodi o tla ba marung, mme ha ke o tadima, ke tla hopola selekane se sa feleng, se pakeng tsa Modimo le dibopuwa tsohle tse phelang, tse teng lefatsheng.”

17. Modimo a re ho Nowe: “Sena ke sesupo sa selekane seo ke se entseng pakeng tsa ka le batho bohle ba teng lefatsheng.”

18. Bara ba Nowe, ba ileng ba tswa ka arekeng, e ne e le Sema le Kama le Jafeta. Kama ke ntata Kanana.

19. Ba bararo bana e ne e le bara ba Nowe, mme batho bohle ba lefatsheng ba tswetswe ke bona.

20. Nowe e ne e le molemi; ya eba yena wa ho qala ho lema morara.

21. A nwa veine, a tahwa, a robala ka tenteng a sa tena.

22. Kama, ntata Kanana, ha a bona bofeela ba ntatae, a ya bolella bana babo ba babedi ba le kantle.

23. Sema le Jafeta ba nka kobo, ba e akgela mahetleng a bona, ba tsamaya kasanthao, ba fihla ba kwahela bofeela ba ntata bona. Kaha ba ne ba furaletse, ha ba a ka ba bona bofeela ba ntata bona.

24. Nowe, ha a se a hlaphohetswe, a tseba seo mora wa hae e monyenyane a ileng a se etsa ho yena.

25. Yaba o re:“Kanana a ke a rohakehe,e be lekgoba la makgobaho bana babo.”

26. Hape a re:“Ho bokwe Morena,Modimo wa Sema,Kanana e ke e be lekgoba la bona.

Tshimoloho 9