Tshimoloho 8:7-22 BIBELE (SSO89SO)

7. A ntsha lekgwaba; lona la tswa, la nna la solla, ho fihlela metsi a epsha lefatsheng.

8. Jwale a ntsha leeba, ho bona hore na metsi a fokotsehile lefatsheng.

9. Empa leeba la se ke la fumana moo le ka beang leoto teng, mme la kgutlela ho yena ka arekeng, hobane metsi a ne a sa tletse hohle lefatsheng. A nanabetsa letsoho la hae, a tshwara leeba, a le kgutlisetsa ho yena ka arekeng.

10. A ema matsatsi a mang a supileng, a nto ntsha leeba hape ka arekeng.

11. Mantsiboya la kgutlela ho yena, molomong wa lona le nkile lehlaku la mohlwaare, le neng le qeta ho rojwa. Jwale Nowe a tseba hore metsi a fokotsehile lefatsheng.

12. A boela a ema matsatsi a supileng hape, a nto boela a ntsha leeba, empa la se ke la hlola le kgutlela ho yena hape.

13. Ka selemo sa makgolo a tsheletseng a motso o mong, ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la pele la kgwedi, metsi a ne a se a monyetse fatshe. Nowe a bula areka kahodimo, mme a bona hore jwale ho qomme.

14. Ka kgwedi ya bobedi, ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng, lefatshe le ne le se le omme ngo!

15. Yaba Modimo o re ho Nowe:

16. “Wena le mosadi wa hao, le bara ba hao, le dingwetsi tsa hao, tswa ka arekeng.

17. Tswa le dibopuwa tsohle tse phelang: dinonyana, le diphoofolo, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, di tle di tswale haholo, di ate, di ngatafale lefatsheng.”

18. Jwale Nowe a tswa a ena le mosadi wa hae, le bara ba hae, le dingwetsi tsa hae.

19. Diphoofolo tsohle, le makgomo wohle, le dinonyana tsohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, tsa tswa ka arekeng ka mefuta ya tsona.

20. Jwale Nowe a hahela Morena aletare, mme a kgetha diphoofolong tsohle tse sa ileheng, le dinonyaneng tsohle tse sa ileheng, mme ka tsona a etsa sehlabelo sa setjheso aletareng.

21. Ha Morena a utlwa monko o monate, a re ka pelong ya hae: “Ha ke sa tla hlola ke rohaka lefatshe ka baka la motho, hobane mehopolo ya pelo ya motho haesale e le mebe ho tloha botjheng ba hae. Ha ke sa tla boela ke otla dintho tsohle tse phelang, jwalokaha ke entse.

22. “Ha feela lefatshele sa ntse le le teng,nako ya ho jala le ya ho kotula,mohatsela le mofuthu,hlabula le mariha,motsheare le bosiu,di ke ke tsa phetsa ho ba teng.”

Tshimoloho 8