Tshimoloho 8:1-16 BIBELE (SSO89SO)

1. Modimo a hopola Nowe, le diphoofolo tsohle tse hlaha, le makgomo wohle a neng a ena le yena ka arekeng. Jwale Modimo a fokisa moya hodima lefatshe, mme metsi a bohlela.

2. Mehlodi ya bodiba bo boholo, le maru a kgaotsa ho tsholla metsi, pula e tswang lehodimong ya emisa.

3. Butlebutle metsi a nna a monyela fatshe, mme qetellong ya matsatsi a lekgolo le mashome a mahlano, metsi a ne a se a fokotsehile.

4. Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, areka ya dula hodima dithaba tsa Ararate.

5. Metsi a nna a tswela pele ho fokotseha ho fihlela ka kgwedi ya leshome; mme ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome ditlhoro tsa dithaba tsa hlaha.

6. Hoba ho fete matsatsi a mashome a mane, Nowe a bula fesetere eo a neng a e entse arekeng.

7. A ntsha lekgwaba; lona la tswa, la nna la solla, ho fihlela metsi a epsha lefatsheng.

8. Jwale a ntsha leeba, ho bona hore na metsi a fokotsehile lefatsheng.

9. Empa leeba la se ke la fumana moo le ka beang leoto teng, mme la kgutlela ho yena ka arekeng, hobane metsi a ne a sa tletse hohle lefatsheng. A nanabetsa letsoho la hae, a tshwara leeba, a le kgutlisetsa ho yena ka arekeng.

10. A ema matsatsi a mang a supileng, a nto ntsha leeba hape ka arekeng.

11. Mantsiboya la kgutlela ho yena, molomong wa lona le nkile lehlaku la mohlwaare, le neng le qeta ho rojwa. Jwale Nowe a tseba hore metsi a fokotsehile lefatsheng.

12. A boela a ema matsatsi a supileng hape, a nto boela a ntsha leeba, empa la se ke la hlola le kgutlela ho yena hape.

13. Ka selemo sa makgolo a tsheletseng a motso o mong, ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la pele la kgwedi, metsi a ne a se a monyetse fatshe. Nowe a bula areka kahodimo, mme a bona hore jwale ho qomme.

14. Ka kgwedi ya bobedi, ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng, lefatshe le ne le se le omme ngo!

15. Yaba Modimo o re ho Nowe:

16. “Wena le mosadi wa hao, le bara ba hao, le dingwetsi tsa hao, tswa ka arekeng.

Tshimoloho 8