1. Modimo a hopola Nowe, le diphoofolo tsohle tse hlaha, le makgomo wohle a neng a ena le yena ka arekeng. Jwale Modimo a fokisa moya hodima lefatshe, mme metsi a bohlela.
2. Mehlodi ya bodiba bo boholo, le maru a kgaotsa ho tsholla metsi, pula e tswang lehodimong ya emisa.
3. Butlebutle metsi a nna a monyela fatshe, mme qetellong ya matsatsi a lekgolo le mashome a mahlano, metsi a ne a se a fokotsehile.
4. Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, areka ya dula hodima dithaba tsa Ararate.
5. Metsi a nna a tswela pele ho fokotseha ho fihlela ka kgwedi ya leshome; mme ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome ditlhoro tsa dithaba tsa hlaha.
6. Hoba ho fete matsatsi a mashome a mane, Nowe a bula fesetere eo a neng a e entse arekeng.
7. A ntsha lekgwaba; lona la tswa, la nna la solla, ho fihlela metsi a epsha lefatsheng.
8. Jwale a ntsha leeba, ho bona hore na metsi a fokotsehile lefatsheng.
9. Empa leeba la se ke la fumana moo le ka beang leoto teng, mme la kgutlela ho yena ka arekeng, hobane metsi a ne a sa tletse hohle lefatsheng. A nanabetsa letsoho la hae, a tshwara leeba, a le kgutlisetsa ho yena ka arekeng.
10. A ema matsatsi a mang a supileng, a nto ntsha leeba hape ka arekeng.
11. Mantsiboya la kgutlela ho yena, molomong wa lona le nkile lehlaku la mohlwaare, le neng le qeta ho rojwa. Jwale Nowe a tseba hore metsi a fokotsehile lefatsheng.