Tshimoloho 7:16-24 BIBELE (SSO89SO)

16. Tse ileng tsa kena e ne e le e tona, le e tshehadi, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse. Jwale Morena a mo kwalla kahare.

17. Morallo wa nna wa tswela pele lefatsheng ka matsatsi a mashome a mane. Ha metsi a ntse a eketseha a phaphamatsa areka, ya phahamela lefatshe.

18. Metsi a nna a kokomoha, a eketseha haholo, mme areka ya nna ya lweba hodima metsi.

19. Metsi a kokomoha haholo lefatsheng, a kwahela dithaba tsohle tse telele, tse tlasa lehodimo.

20. Metsi a nna a kokomoha ho fihlela a etsa dimethara tse supileng kahodimo ho dithaba.

21. Dibopuwa tsohle tse phelang lefatsheng tsa shwa: dinonyana, makgomo, diphoofolo tse hlaha, le tsohle tse tsamayang ka dikgakgatha lefatsheng, le batho bohle.

22. Tsohle tse neng di phela lefatsheng moo ho ommeng, tsa shwa.

23. Morena a timetsa tsohle tse phelang lefatsheng: batho le makgomo, dihahabi le dinonyana tse fofang; tsohle tsa timetswa lefatsheng. Ha sala Nowe feela le bao a neng a ena le bona ka arekeng.

24. Metsi a qeta matsatsi a lekgolo le mashome a mahlano a ntse a kwahetse lefatshe.

Tshimoloho 7