11. Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka letsatsi la leshome le metso e supileng, ka lona letsatsi leo mehlodi yohle ya bodiba bo boholo ya phunyeha, le maru a tsholella metsi lefatsheng.
12. Ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, lefatshe la nelwa ke pula ya ditlwebelele.
13. Ka lona letsatsi leo Nowe le bara ba hae, Sema le Kama le Jafeta, le mosadi wa Nowe, le dingwetsi tse tharo tsa Nowe, ba kena ka arekeng,
14. mmoho le mefuta yohle ya diphoofolo, le mefuta yohle ya dihahabi, le mefuta yohle ya dinonyana.
15. Dibopuwa tse phelang tsa kena ka bobedi ka arekeng ho Nowe.
16. Tse ileng tsa kena e ne e le e tona, le e tshehadi, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse. Jwale Morena a mo kwalla kahare.
17. Morallo wa nna wa tswela pele lefatsheng ka matsatsi a mashome a mane. Ha metsi a ntse a eketseha a phaphamatsa areka, ya phahamela lefatshe.
18. Metsi a nna a kokomoha, a eketseha haholo, mme areka ya nna ya lweba hodima metsi.
19. Metsi a kokomoha haholo lefatsheng, a kwahela dithaba tsohle tse telele, tse tlasa lehodimo.
20. Metsi a nna a kokomoha ho fihlela a etsa dimethara tse supileng kahodimo ho dithaba.
21. Dibopuwa tsohle tse phelang lefatsheng tsa shwa: dinonyana, makgomo, diphoofolo tse hlaha, le tsohle tse tsamayang ka dikgakgatha lefatsheng, le batho bohle.
22. Tsohle tse neng di phela lefatsheng moo ho ommeng, tsa shwa.
23. Morena a timetsa tsohle tse phelang lefatsheng: batho le makgomo, dihahabi le dinonyana tse fofang; tsohle tsa timetswa lefatsheng. Ha sala Nowe feela le bao a neng a ena le bona ka arekeng.
24. Metsi a qeta matsatsi a lekgolo le mashome a mahlano a ntse a kwahetse lefatshe.